- Table View
- List View
Leru Le Lefubedu: UBC Uncontracted
by T.W.D. MohapiLeru le lefubedu ke buka ya tshwantshiso e ileng ya fumana maemo a pele kabong ya Kgau ya Thomas Mokopu Mofolo ka selemo sa 1992 tsamaisong ya Lekgotla la puo ya Sesotho. Buka ena ke e ngolletse mora le moradi Tefo le Seipati Majapolokwe e sa ngwathwa!
Letata le Leeba
by Nwabisa Dumela TRANSLATED BY Maria VazSesotho ( South Africa) – First Paragraphs
Li nyane haholo
by Media Matters TRANSLATED BY Lineo Nkabane-SekopoSesotho (Lesotho) – First sentences
MATUBATSANA
by Jim MokoenaSekolo ke sekolo ka baithuti, matitjhere, barutehi esita le wona mmuso. Selemo sa thuto ke tlotla e kgolo e filweng moithuti ka mong mona sedikadikweng sa thuto. Ka hona he, moithuti o dula a shebilwe ka ihlo le ntjhotjho hore na ha ho le jwalo, ka mohlomong o ikgopolela jwang tshebedisong ya tlotla ena e bokgethwa, ho sa kgathaletsehe hore na ebe o lebala lefe, ke wa mokgatlo ofe, athe ebile o hlaha naheng efe le lepaleng lefe na.
Malefane: UBC Contracted
by Np MaakeMalefane ke tshwantshiso e buang ka tlhekefetso le meharo. Malefane o ne a tseba seo a se batlang bophelong, mme o ne a sa dumelle eng kapa eng ho mo kgelosa le ho mo sitisa ho fihlella toro ya hae.
Malefane: UBC Uncontracted
by Np MaakeMalefane ke tshwantshiso e buang ka tlhekefetso le meharo. Malefane o ne a tseba seo a se batlang bophelong, mme o ne a sa dumelle eng kapa eng ho mo kgelosa le ho mo sitisa ho fihlella toro ya hae.
Mapungubwe ya sephiri le dipale tse ding
by Barbara Herbert, Bob Herbert and Ruth PresslerSesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 6
Matla a Smangaliso
by Sponono Mahlangu TRANSLATED BY Nthabiseng TsatsiSesotho ( South Africa) – First Paragraphs
Matsatsi a mararo morung le Mekgwa ya ho itlhokomela bophelong ba nnete
by Margot Long and Linda MichellSesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 6
Mekgodutswane e mebe le Daenasoro Dipaleng tsa Saense
by Rosemary Golding and Ruth PresslerSesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 6
Melodi ya Thothokiso
by Djm NgcangcaMelodi ya Thothokiso ke pokeletso e ntjha e thabisang e ngotsweng ke dithothokisi tse tswang naheng ka bophara, tse bontshang dinako tse fapaneng tsa bophelo le ditaele. Dithothokiso tsena di kgethilwe ke Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa ho balwa Kereiting ya 12, mme di fihlelletse ditlhoko tsohle tsa Setatamente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso tse hlokwang bakeng sa Ditlhahlobo tsa Kereiti ya 12 tsa Sesotho Puo ya Lapeng. Melodi ya Thothokiso e na le matshwao ana a motheo a latelang: • selelekela se fanang ka boitshetleho ba dithothokiso tse pokellong bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa le ho natefelwa ke dithothokiso. • bayokerafi/ngolophelo e kgutshwanyane ya sethothokisi ka seng, e nehelanang ka tlhahisoleseding e mabapi le tsa bophelo ba sethothokisi le tshebetso. • dinoutso tse mabapi le dikahare tsa dithothokiso tse fanang ka tlhahisoleseding ya motheo ho tse ding tsa dithothokiso, thuso bakeng sa kutlwisiso le manollo ya dithothokiso tse thata, le mehopolo e ahang bakeng sa mesebetsi ya ka phaposing ya moithuti ha a sebetsa a le mong kapa a sebetsa le moithutimmoho kapa ba sebetsa ka dihlopha. • tlotlontswe ya makgetha a thothokiso a bonono e fumanehang qetellong ya thothokiso, e fanang ka tlhaloso ya makgetha a bonono bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa dithothokiso tse pokellong ena. • dipotso tse ngotsweng ka setaele sa ditlhahlobo tsa dithothokiso hore o tle o ikwetlise bakeng sa ditlhahlobo tsa makgaolakgang; ho nehelanwe ka dikarabo tse kgothaletswang hore o tle o kgone ho itekola le ho lekola tswelopele ya hao. • ditshitsinyo bakeng tsa ho bala ho ekeditsweng – hang ha o se o badile Melodi ya thothokiso ena, re na le bonnete ba hore o tla batla ho bala haholwanyane ka bangodi ba dithothokiso tsena le mesebetsi ya bona e meng.
Meroho e re loketse
by Busile Cynthia Ndlovu TRANSLATED BY Maria VazSesotho (South Africa) Longer Paragraphs
Metswalle
by Zimbili Dlamini and Hlengiwe Zondi – TRANSLATED BY Tseliso MasolaneSesotho (South Africa) – First words
Mmampodi Buka ya Moithuti 10: UBC Contracted
by Ra Sempe Npk Mohapi Njj Gada MS Sekobolo Sp Mofokeng Le Masooa• Makgonatsohle e latetseng CAPS, e ngotswe ke Bangodi ba hlwahlwa. • Makgonatsohle e nang le ditshwantsho le mesebetsi e ngolwang le e etswang, ho thusa hore baithuti ba be le kutlwisiso le bokgoni ba ho sebetsa ka bokgabane bo boholo dithutong tsa bona, • Makgonatsohle e tataisang titjhere, e mmolokelang nako le ho mo thusa hore a be le bokgoni ba ho ruta ha bobebe, hobane e na le mehlala ya mesebetsi e ka kopuwang. • Makgonatsohle e nang le boleng = katleho thutong le dihlahlobong.
Mmampodi Buka ya Moithuti 10: UBC Uncontracted
by Ra Sempe Npk Mohapi Njj Gada MS Sekobolo Sp Mofokeng Le Masooa• Makgonatsohle e latetseng CAPS, e ngotswe ke Bangodi ba hlwahlwa. • Makgonatsohle e nang le ditshwantsho le mesebetsi e ngolwang le e etswang, ho thusa hore baithuti ba be le kutlwisiso le bokgoni ba ho sebetsa ka bokgabane bo boholo dithutong tsa bona, • Makgonatsohle e tataisang titjhere, e mmolokelang nako le ho mo thusa hore a be le bokgoni ba ho ruta ha bobebe, hobane e na le mehlala ya mesebetsi e ka kopuwang. • Makgonatsohle e nang le boleng = katleho thutong le dihlahlobong.
Mme ke wena mmolai wa ka: UBC Contracted
by S. J. GambuDitshehlo o sulafaletswa bokamoso ke batho ba a reng ke batswadi wa hae. O iphumana a wetse lemeneng ka lebaka la motswadi. O ne a rata ho ruteha a thuse setjhaba empa bokamoso ba hae ba senngwa ke batho ba kgellang dintho tsa bohlokwa fatshe. Ditshehlo o ile a hlokahallwa ke ntatae, a sala le mmae fela. Hobane lefatshe le sa ema nqa e le nngwe, mmae a iphumanela mohlankana athe mohlankana enwa ha a mo rate, o itjhebetse leruo le lengata leo ba le sietsweng ke mofu. Hoba ditjhelete tsa mofu di jewe, di fele, mohlankana wa MmaDitshehlo a bona hore a nanarele Ditshehlo. Ditshehlo a phela bophelo bo bohloko mmae a ntse a le teng, a tshaba le ho tlaleha ha a hlekefetswa ke mohlankana wa mmae. A seke a tseba ho re o tla re mang wee. Yaba ho fedile ka bokamoso ba Ditshehlo! Buka ena ya Padi, e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa SLKT, mme e etsa tlatsetso ya bohlokwa ho dibuka tsa Via Afrika Puo ya Lapeng e leng Buka ya moithuti, Buka ya titjhere mmoho le ho Buka ya Padiso.
Mme: UBC Contracted
by N. P. MaakeMme o tholwa ke Diseko a batla tjako. Ha a tsejwe ke mang kapa mang. O a hlokahala. Diseko o tshwere sephiri seo Mme a phetseng le sona dilemolemo. Ebe ke sefe? Diseko o tla dula le sona ho fihla neng?
Mme: UBC Uncontracted
by N. P. MaakeMme o tholwa ke Diseko a batla tjako. Ha a tsejwe ke mang kapa mang. O a hlokahala. Diseko o tshwere sephiri seo Mme a phetseng le sona dilemolemo. Ebe ke sefe? Diseko o tla dula le sona ho fihla neng?
Moahisani ya itshunyatshunyang le dipale tse ding
by Rosemary Golding and Ruth PresslerSesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 6
Mohaladitwe wa Dithota: UBC Uncontracted
by Ma MainaMohaladitwe wa dithota ke pale e buang ka ho sebetsa ka thata, ka lerato, mona kapa lefufa, ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng le ka bohlokwa ba metswalle. Padi ena e kgethilwe ke Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa ho balwa Kereiting ya 10, mme e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso tse hlokwang bakeng sa Ditlhahlobo tsa Kereiti ya 10 tsa Sesotho Puo ya Lapeng. Mohaladitwe wa dithota e na le matshwao ana a motheo a latelang: • selelekela se fanang ka boitshetleho ba pale bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa le ho natefelwa ke pale ya padi ena • bayokerafi/ngolophelo ya mongodi, M.A Maina, e nehelanang ka tlhahisoleseding e mabapi le tsa bophelo ba hae le tshebetso • dinoutso tse mabapi le dikahare tsa pale tse fanang ka tlhahisoleseding ya motheo, thuso bakeng sa kutlwisiso le manollo ya pale, le mehopolo e ahang bakeng sa mesebetsi ya ka phaposing ya moithuti ha a sebetsa a le mong kapa a sebetsa le moithutimmoho kapa ba sebetsa ka dihlopha • tlotlontswe e fumanehang qetellong ya buka, e fanang ka tlhaloso ya mantswe a thata • dipotso tse ngotsweng ka setaele sa ditlhahlobo tsa padi hore o tle o ikwetlise bakeng sa ditlhahlobo tsa makgaolakgang; ho nehelanwe ka dikarabo tse kgothaletsang hore o tle o kgone ho itekola le ho lekola tswelopele ya hao • ditshitsinyo bakeng sa ho bala ho ekeditsweng – hang ha o se o badile pale ena, re na le bonnete ba hore o tla batla ho bala haholwanyane ka mongodi le mesebetsi ya hae e meng.
Mohaladitwe wa dithota
by Ma MainaMohaladitwe wa dithota ke pale e buang ka ho sebetsa ka thata, ka lerato, mona kapa lefufa, ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng le ka bohlokwa ba metswalle. Padi ena e kgethilwe ke Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa ho balwa Kereiting ya 10, mme e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso tse hlokwang bakeng sa Ditlhahlobo tsa Kereiti ya 10 tsa Sesotho Puo ya Lapeng.
Mohanahojwetswa: UBC Contracted
by R. H. MoeketsiThuto e totobetseng dipapading tsena e nngwe feela, mahana a jwetswa o bona ka madi ho rotha. Baphetwa kaofela ba ne ba sa mamele, ke ka hoo e mong le e mong pheletso ebileng e bohloko. Motho wa teng a sala a lla sa mmokotsane.
Mohanahojwetswa: UBC Uncontracted
by R. H. MoeketsiThuto e totobetseng dipapading tsena e nngwe feela, mahana a jwetswa o bona ka madi ho rotha. Baphetwa kaofela ba ne ba sa mamele, ke ka hoo e mong le e mong pheletso ebileng e bohloko. Motho wa teng a sala a lla sa mmokotsane.
Monna ya molelele haholo
by Cornelius wambi Gulere – Translated by Maria VazSesotho (South Africa) First sentences